Afrika Borwa
| |||||
| Motsemoholo | Pretoria, Motse Kapa le Mangaung | ||||
| Batlile holo motse | |||||
| Dipuo | Seburu, Senyesemane, Isixhosa, IsiNdebele, Sepedi, Sesotho, isiswati, Xitsonga/shangaan, Setswana, Puo ya Matsoho, TshiVenda le Isizulu | ||||
| Tulo | 1 221 037 km² | ||||
| Baahi | 54 956 900 (2015) | ||||
| Tonakgolo | |||||
| Tjhelete | Ranta (Zar) | ||||
| Lebatowa ye nako | SAST UTC+2 | ||||
Aforika Borwa ke naha e borwa ba Afrika. E na le diporofense tse robong. Diporofense tsa teng ke Freistata, Kwazulu-Natal, Gauteng, Limpopo, Mpumalanga, Kapa Leboya, Kapa Botjhabela, Kapa Bophirimela le Leboya Bophirimela. Aforika Borwa e na le dipuo tsa semmuso tse leshome le metso e mmedi tse buang ke setjhaba sa teng.[1]
Nalane
[fetola | fetola mohloli]
Batho ba sejwale-jwale ba phetse karolong e ka borwa ya Aforika ka dilemo tse etang 100 000, mme baholoholo ba bona ba bile teng moo ka dilemo tse ka bang dimilione tse 3,3. hoo e ka bang dilemo tse 2000 tse fitileng, mskhoekhoe (a neng a bitswa Hottentots ke Maerope mehleng ya kgale) e ne ele badisa ba diphoofolo ba neng ba dula haholoholo mabong a lewatle, athe BAsan (ba neng ba bitswa Bushmen) ene ele ditsomi le babokelli ba neng ba hasane ho pholletsa le sebaka seo.[2]
Ka nako eo, batho ba buwang dipuo tsa Bantu ba neng ba lema le ho rua diphoofolo ba ile ba qala ho fihla Aforika eka borwa, ba hasana ho tloha mabalane a ka botjhabela hoya Hghveld. dibakeng tse mmalwa tsa kgale tsa dintho tsa kgale ho na le bopaki ba ditso tse tswetseng pele tsa dipolotiki le tsa dintho tse bonahalang.[2]
Thuto ya lefatshe
[fetola | fetola mohloli]
Lebopo la ka borwa-botjhabela le futumetse haholwanyane ka lebaka la leqhubu la lewatle la Agulhas le tswang ho mola wa bohareng ba lefatshe (Equator), athe lebopo la Atlantic le bata ka lebaka la leqhubu le batang la Benguela le tswang lewatleng. Phapang ya motjheso dipakeng tsa maqhubu ana a mabedi a hlalosa phapang ya dimela le maemo a lehodimo dipakeng tsa botjhabela le bophirimela ba naha.[1]
Ka leboya, Aforika Borwa e arolelana meedi le Namibia, Botswana, Zimbabwe le Mozambique. Dinaha tse pedi tse nyane tse ikemetseng di potapotilwe ke Aforika Borwa: Lesotho le Eswatini.[3]
Baahi
[fetola | fetola mohloli]Afrika Borwa ke naha e nang le batho ba ka fetang dimilione tse 65, ke naha e nang le botjhaba, maleme a fapaneng a puo, le mefuta e fapaneng ya ditumelo.[4] [5]
Thuto ya tsa moruo
[fetola | fetola mohloli]Afrika Borwa ke naha ya borobong e kgolo ka ho fitisisa Aforika, e leg kontinente e nang dinaha tse 55. Ke naha ya bohlano e kgolo ka hofitisisa e leng ka botlalo karolong e ka Borwa ya lefatshe. E kgolo ho feta naha enngwe le enngwe ya Europe ntle le Russia, hape e kglo ho feta naha enngwe le enngwe ya United States of America (USA) ntle le Alaska.[6]
Dipolotiki
[fetola | fetola mohloli]
Afrika Borwa ke naha e buswang ka palamente. Mokgatlo o busang ha jwale ke wa ANC le mekgatlo e meng, mme hona ho beha Afrika Borwa tlasa puso ya mmuso wa kopanelo kgetlo la pele ka mora dikgetho tsa selemo sa 1994.[7]
Mehlodi
[fetola | fetola mohloli]- 1 2 https://southafrica-info.com/arts-culture/the-languages-of-south-africa/
- 1 2 https://www.gov.za/about-sa/history
- ↑ https://dirco.gov.za/paris/geography-climate-wildlife-and-flora-provinces-population/
- ↑ https://www.worldometers.info/world-population/south-africa-population/
- ↑ https://zuidafrika.nl/arts-culture/religions/
- ↑ https://southafrica-info.com/land/how-big-is-south-africa/
- ↑ https://www.gov.za/blog/government-national-unity-must-put-people%E2%80%99s-interests-first