Jump to content

Elon Musk

E tswa ho Wikipedia
Musk wearing a medal
Musk o amohela kgau ya Order of Defense Merit ho tswa Mabothong a Sesole sa Brazil ka selemo sa 2022

Elon Reeve Musk (ya tswetsweng ka la 28 Phuptjane 1971) ke mohwebi le ofisiri ya tsebahalang ka boetapele ba hae ba Tesla le SpaceX.[1] Musk e bile motho ya ruileng ka ho fetisisa lefatsheng ho tloha ka selemo sa 2025; ho tloha ka kgwedi ya Motsheanong 2026 , Forbes e hakanya hore letlotlo la hae le tla ba didolara tse dimilione tse dikete tse 788.[1]

O hlahetse lelapeng le ruileng la Musk le Pretoria, Afrika Borwa.[2] Musk o ile a fallela Canada ka selemo sa 1989; o na le boahi ba Canada kaha mme wa hae o hlahetse moo. O ile a fumana lengolo la bachelor's ka selemo sa 1997 Univesithing ya Pennsylvania pele a fallela California ho ya etsa kgwebo.[2] Ka selemo sa 1995, Musk o ile a theha khamphani ya software Zip2 le batho ba bang.[3] Ka mora ho rekiswa ka selemo sa 1999, o ile a theha X.com, khamphani ya ho patala ka inthanete e ileng ya kopana hamorao ho theha PayPal, e ileng ya rekwa ke eBay ka selemo sa 2002.[3] Musk o ile a ba moahi wa Amerika ka selemo sa 2002.

Bophelo ba pele

[fetola | fetola mohloli]

Elon Reeve Musk o hlahile ka la 28 Phuptjane, 1971, Pretoria, motsemoholo wa tsamaiso ya Afrika Borwa.[2] Ke wa leloko la Borithane le Pennsylvania Dutch. Mme wa hae, Maye (sefane sa tswalo Haldeman), ke mmabotle le setsebi sa phepo e nepahetseng ya hlahetseng Saskatchewan, naheng ya Canada, mme a hodiswa Afrika Borwa. Ka hona, Musk o na le boahi ba Afrika Borwa le Canada ho tloha tswalong. Ntate wa hae, Errol Musk, ke Moenjiniere wa motlakase wa Afrika Borwa, mofofisi wa difofane, mosebeletsi wa dikepe, moeletsi, morekisi wa mahakwe le mothehi wa thepa.[2]

An ornate school building
Musk o qetile dithuto tsa hae sekolong se phahameng sa Pretoria Boys, Afrika Borwa.

Musk o ile a kena sekolo Waterkloof House Preparatory , Bryanston High School, ebe o ya sekolong se phahameng sa Pretoria Boys. Musk e ne e le morutwana ya kgabane empa ya sa ikgethang. Musk o ile a etsa kopo ya phasepoto ya Canada ka mme wa hae ya hlahetseng naheng ya Canada ho qoba tshebeletso e tlamehang ya sesole sa Afrika Borwa, e neng e tla mo qobella ho nka karolo tsamaisong ya kgethollo ya merabe, hammoho le ho nolofatsa tsela ya hae ya bojaki naheng ya America. Ha a ntse a emetse hore kopo ya hae e sebetswe, o ile a ingodisaUnivesithing ya Pretoria ka dikgwedi tse hlano.[2]

Bophelo ba hae

[fetola | fetola mohloli]
Setshwantsho sa semmuso sa Royal Society, 2018

Musk e bile moahi wa America ka selemo sa 2002.[2] Ho tloha qalong ya dilemo tsa bo-2000 ho fihlella qetellong ya selemo sa 2020, Musk o ne a dula teropong ya California, moo Tesla le SpaceX di a thehilweng teng. Ka mora moo o ile a fallela teropong ya Cameron County, Texas.[2]